Madimo a Rakotsoana

Madimo a Rakotsoana

by Tseliso Kennedy Mofubetsoane
Madimo a Rakotsoana

Madimo a Rakotsoana

by Tseliso Kennedy Mofubetsoane

eBook

FREE

Available on Compatible NOOK devices, the free NOOK App and in My Digital Library.
WANT A NOOK?  Explore Now

Related collections and offers

LEND ME® See Details

Overview

Rakotsoana le setjhaba sa hae ba ne ba phela ka kgotso ho fihlela ba hlaselwa ke dikgukguni tsa difaqane tse ileng tsa ruthutha le ho bolaya malapa a bona.

Ka mora ho boloka maloko a bona ke moo Rakotsoana le mahlahana a hae ba ileng ba nka qeto ya ho iphethetsa ka e sa e hlabang. Ba qalella ho hlasela metse le metsana e haufi, ba bolaya batho ka sehloho ba nto ba ja.

Ketso ena ya ho ja batho e ile ya ba kena mading hoo ba neng ba se ba hloka taolo hodima yona. Ba qetella ba jele ntatamoholo wa morena e moholo wa Basotho,morena Moshoeshoe ya neng a bitswa Peete.

Madimo a ile a fetoha batshwaruwa ba morena Moshoeshoe mme ba tobana le kahlolo ya lefu empa morena Moshoeshoe – Morena wa Khotso o ile a ba utlwela bohloko a ba pholosa marumong a bahale ba hae.

Madimo a ile a fuwa monyetla wa bobedi le ho sokolloha mekgweng ya bona, a rutwa tsela ya ho boela a phela le batho ka kgotso, Moshoeshoe o ile a ba abela lefatshe hape ho iphedisa le ba malapa a bona.

Rakotsoana o ile a fumana boemo bo hodimo hara bahlabani le batshepuwa ba morena Moshoeshe, a mo lwanela dintwa kgahlano le dira tsa hae empa tlhaka ya ho ja batho e ne esa tswa mading a hae. O ne a ntse a tswela pele a ja batho ha mmoho le mahlahana a hae. Qetellong ba ile ba bolawa ha mmoho le mahlahana a hae ka lebaka la diketso tseo tsa bona tse sehloho.


Product Details

BN ID: 2940155807339
Publisher: Tseliso Kennedy Mofubetsoane
Publication date: 09/10/2018
Sold by: Smashwords
Format: eBook
File size: 251 KB
Language: Sotho

About the Author

Tseliso Kennedy Mofubetsoane o hlahetse Steynsrus ho la Free State a holela le ho kena sekolo Sebokeng, Gauteng. O ithutetse botitjhere Sebokeng College of Education a nto ruta pele a ka kena mesebetsing e mengata ya setjhaba le tsa kgwebo. O kgutletse Free State a aha Wepener le Botshabelo. O kene University of Free State le Unisa ho ntshetsa dithuto tsa hae pele. Ha jwale ke Mosuwe (Lecturer) Motheo TVET College.

From the B&N Reads Blog

Customer Reviews